YA
PHEDISO YA TERASETE YA MATLO
YA
AFRIKA BORWA
LETONA
LA MATLO
BILI
Ho fedisa Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa ; ho fetisetsa ditokelo le maruo a Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa Koporasing ya Ditjhelete tsa Matlo ya Naha ; ho dihela boikarabelo le melato ya Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa Mmusong wa Rephaboliki ya Afrika Borwa; le ho etsa monyetla wa ditaba tse amanang le moo.
TSE ETELETSENG PELE
LE HA Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa e ile ya botjwa ka selemo sa 1986 ho latela Molao wa Dikhampani wa selemo sa 1973 (Molao wa Nomoro ya 61 wa 1973) hore e be khampani e nang le seabo sa tjhelete eo boholo ba kgwebo ya yona e leng ho ntshetsa pele kaho ya matlo a boemo ba theko e tlase Afrika Borwa;
LE HA HAPE khampani e ka hodimo e ne e fumana tjhelete eo boholo ba yona bo tswang Mmusong wa Rephaboliki ya Afrika Borwa le kgwebong tsa poraevete hore e phethahatse mosebetsi wa yona oo e leng wa sehlooho;
HO NKELETSWE HLOOHONG LE HORE Mmuso wa Rephaboliki ya Afrika Borwa nakong ya jwale ke ona feela o nang le seabo khampaning ena;
HO NTSE HO HLOKOMETSWE LE HORE tumellano e ile ya fihlelwa dipakeng tsa Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa le Koporasi ya Ditjhelete tsa Matlo ya Naha, e leng khampani e ngodisitsweng ho latela Molao wa Dikhampani wa selemo sa 1973, eo Mmuso wa Rephaboliki ya Afrika Borwa e leng ona feela o nang le seabo ho yona, mme ho ya ka ona Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa e lokela ho fetisetsa ditokelo le maruo a yona ho Koporasi ya Ditjhelete tsa Matlo ya Naha ka moputso wa tjheletenyana e itseng;
HAPE LE HA Mmuso wa Rephaboliki ya Afrika Borwa o tla amohela boikarebelo le boitlamo le melato ya Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa ;
HAPE HO NTSE HO HLOKOMETSWE HORE ha ho sa le molemong wa Mmuso wa fana ka tjhelete bakeng sa matlo a boemo ba theko e tlase kapa ho fumana tjhelete bakeng sa matlo a boemo ba theko ena e tlase kgwebong tsa poraevete, ka motjha wa khampani;
KA HOO HO NTSWE MOLAO ke Palamente ya Rephaboliki ya Afrika Borwa ka tsela e latelang:-
Ditlhaloso
Molaong ona, ntle le moo moelelo o supang ka mokgwa o mong ?
Khampani? e bolela Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa
Molao wa Khampani? o bolela Molao wa Dikhampani, wa selemo sa 1973
Molao wa Nomoro ya 61 wa selemo sa 1973;
Letsatsi la tshebetso? le bolela letsatsi la mohla la 1 Tshitwe 2001;
Selemo sa ditjhelete? se bolela selemo se felang mohla letsatsi la 31 Tlhakubele;
Mmuso? o bolela Mmuso wa Rephaboliki ya Afrika Borwa; mme
Letona? le bolela Letona la Matlo.
Phediso ya Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa
Ho tloha mohla letsatsi la tshebetso Khampani e keke ya hlola e sa ba teng jwalo ka khampani ho latela molao wa Dikhampani mme ka sepheo sa Molao oo e lokela hore e be e phethile tsohle tsa yona.
Mongodisi wa Dikhampani o lokela ho ntsha dibukeng tsa hae ngodiso ya Khampani ena jwalo ka khampani ho latela Molao wa Dikhampani ho tloha mohla letsatsi la tshebetso.
Ditholwana tsa phediso ena ya khampani
Ho tloha mohla letsatsi la tshebetso ?
a ditokelo tsohle le maruo a Khampani, ho kenyeleditswe direkoto tsa tsamaiso, tsa ditjhelete le tse ding tsa Khampani di tla fetoha tsa Koporasi ya Ditjhelete tsa Matlo ya Naha;
b boitlamo le melato kaofela ya Khampani e tla wela tlasa boikarabelo ba Mmuso jwalo ka molato wa naha wa mmuso, Mmuso o tlameha ho phetha boitlamo le boikarabelo ba melato matsatsing a tsepamisitsweng hore melato e lefuwe ka ona; mme c balaodi le bahlakisi ba dibuka tsa ditjhelete ba Khampani ba beha meja fatshe jwalo ka balaodi le bahlakisi ba dibuka ba Khampani.
Tshusumetso ya sena Letloleng la Ditjhelete tse kenang tsa Naha
Tefo efe kapa efe eo Mmuso o e etsang nakong ya selemo sa ditjhelete sa 2001/2002 ka morero wa ho phetha boitlamo kapa ho lefella melato ho latela karolo ya 3(b) e lokela hore e be ditshenyehelo tse otlolohileng tse ntshuwang Letloleng la Ditjhelete tse kenang tsa Naha ho fihlela ditefello tseo di se di sa kgone ho ba teng matloleng a loketseng tlasa Ditekanyetso tsa Matlo tsa Molao wa Kabo wa selemo sa 2001.
Tefo efe kapa efe e etswang ke Mmuso ho kgotsofatsa boitlamo le ho lefella melato dilemong tse hlahlamang tsa ditjhelete e tla lokela ho etswa ho latela Molao wa Kabo wa Palamente.
Sehlooho se sekgutshwanyane
Molao ona o bitswa Molao wa selemo sa 2001 wa Phediso ya Teresete ya Matlo ya Afrika Borwa.
